-
1 Samuele 22:17, 18Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
17 Eaba morena o re ho balebeli* ba emeng pel’a hae: “Bolaeang baprista ba Jehova hobane ba ka lehlakoreng la Davida. Ba tsebile hore o ne a baleha empa ha baa ka ba mpolella.” Empa bahlanka ba morena ba ne ba sa batle ho bolaea baprista ba Jehova. 18 Eaba morena o re ho Doege:+ “Bolaea baprista bana!” Hang-hang Doege oa Moedomo+ a ea ’me a bolaea baprista ka boeena. Letsatsing leo, o ile a bolaea banna ba 85 ba apereng efoda ea line.+
-
-
1 Marena 2:29Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
29 Morena Solomone a bolelloa sena: “Joabe o balehetse tenteng ea Jehova ’me o pel’a aletare.” Solomone a romela Benaia mora oa Jehojada a re: “Tsamaea u e’o mo bolaea!”
-