Buka ea Pele ea Samuele
22 Davida a tloha moo+ a balehela lehaheng la Adulame.+ Ha bo-abuti ba hae le bohle ba lelapa labo ba utloa ka seo, ba ea moo ho eena. 2 Batho bohle ba neng ba le mathateng, ba neng ba e-na le likoloto le ba neng ba utloile bohloko ba tla ho eena ’me ea e-ba mookameli oa bona. Banna ba neng ba e-na le eena ba ne ba ka ba 400.
3 Hamorao Davida a tloha moo a ea Mizpe e Moabe ’me a re ho morena oa Moabe:+ “Ke kopa u lumelle ’Mè le Ntate hore ba lule le lona ho fihlela ke tseba hore na Molimo o tla nketsetsa’ng.” 4 Kahoo, a ba siea le morena oa Moabe ’me ba lula moo nako eohle eo ka eona Davida a neng a le sebakeng se sireletsehileng.+
5 Ka mor’a nako, moprofeta Gade+ a re ho Davida: “Tloha sebakeng sena se sireletsehileng. Tsamaea u ee naheng ea Juda.”+ Kahoo, Davida a tsamaea ’me a ea morung oa Herethe.
6 Saule a utloela hore na Davida le banna ba nang le eena ba ipatile hokae. Ka nako eo, Saule o ne a lutse Gibea+ tlas’a sefate sa tamariske sebakeng se phahameng, a tšoere lerumo ’me bahlanka bohle ba hae ba eme pel’a hae. 7 Saule a re ho bahlanka ba hae ba emeng pel’a hae: “Ke kopa le ’mamele lona Babenjamine. Na mora oa Jese+ le eena o tla le fa masimo le lirapa tsa morara kaofela ha lona? Na kaofela ha lona o tla le etsa balaoli ba ba likete le balaoli ba ba makholo?+ 8 Kaofela ha lona le rerile ho nketsetsa bolotsana. Ha ho na motho ea mpoleletseng ha mora oa ka a etsa tumellano le mora oa Jese.+ Ha ho le ea mong oa lona ea nkutloelang bohloko ka hore a mpolelle hore mora oa ka o khothalelitse mohlanka oa ka hore a ipatele ’na joalokaha a entse hona joale e le hore a tle a ntlhasele.”
9 Doege+ oa Moedomo ea neng a behiloe moo hore a okamele bahlanka ba Saule a araba a re:+ “Ke bone mora oa Jese a tla Nobe ho Akimeleke mora oa Akitube.+ 10 Akimeleke o ile a mo botsetsa ho Jehova ’me a mo fa mefaho. O ile a ba a mo fa le sabole ea Goliathe oa Mofilista.”+ 11 Hang-hang morena a re ho bitsoe Akimeleke mora oa moprista Akitube le baprista bohle ba ntlo ea ntate oa hae ba neng ba le Nobe. Kahoo, kaofela ha bona ba tla ho morena.
12 Saule a re: “Ke kopa u ’mamele uena mora oa Akitube.” Eaba o re: “Ke ’na enoa moren’a ka.” 13 Saule a re ho eena: “Ke hobane’ng ha uena le mora oa Jese le rerile ho nketsetsa bolotsana ka ho mo fa bohobe, sabole le ka ho mo botsetsa ho Molimo? O khahlanong le ’na ’me hona joale o ipatile hore a tle a ntlhasele.” 14 Eaba Akimeleke o araba morena ’me o re: “Har’a bahlanka bohle ba hao, ke mang ea tšepahalang joaloka Davida?+ Ke mokhoenyana oa hao morena+ ebile ke mookameli oa balebeli ba hao ’me oa hlompheha ka tlung ea hao.+ 15 Na kajeno e ne e le lekhetlo la pele ke mo botsetsa ho Molimo?+ Le ka mohla nke ke ka u rerela bolotsana. Morena u se ke oa beha ’na mohlanka oa hao molato le bohle ba ntlo ea Ntate hobane ke ne ke sa tsebe letho ka taba ena.”+
16 Empa morena a re: “Uena Akimeleke le bohle ba ntlo ea ntate oa hao,+ le tl’o shoa.”+ 17 Eaba morena o re ho balebeli* ba emeng pel’a hae: “Bolaeang baprista ba Jehova hobane ba ka lehlakoreng la Davida. Ba tsebile hore o ne a baleha empa ha baa ka ba mpolella.” Empa bahlanka ba morena ba ne ba sa batle ho bolaea baprista ba Jehova. 18 Eaba morena o re ho Doege:+ “Bolaea baprista bana!” Hang-hang Doege oa Moedomo+ a ea ’me a bolaea baprista ka boeena. Letsatsing leo, o ile a bolaea banna ba 85 ba apereng efoda ea line.+ 19 A bolaea le batho ba Nobe+ e leng motse oa baprista ka sabole. A bolaea banna, basali, bana, masea, lipoho, litonki hammoho le linku ka sabole.
20 Leha ho le joalo, mora e mong oa Akimeleke mora oa Akitube, eo lebitso la hae e neng e le Abiathare,+ a phonyoha ’me a balehela ho Davida. 21 Abiathare a re ho Davida: “Saule o bolaile baprista ba Jehova.” 22 Eaba Davida o re ho Abiathare: “Ke ile ka tseba letsatsing leo,+ ha Doege a ne a le teng hore joang kapa joang o tl’o bolella Saule. Ke ’na ea molato ka hore ebe batho bohle ba ntlo ea ntate oa hao ba shoele. 23 Lula le ’na. U se ke oa tšoha. Mang kapa mang ea batlang ho u bolaea ha e le hantle o batla ho bolaea ’na. Ke tla u sireletsa.”+