Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Marena 18:26
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 26 Ba nka pohoana eo ba neng ba e filoe, ba e lokisa. Ba ’na ba bitsa lebitso la Baale ho tloha hoseng ho fihlela motšehare ba ntse ba re: “Baale re arabe!” Empa ho ne ho se na lentsoe kapa motho ea ba arabang.+ Ba ’na ba qhoma-qhoma ho potoloha aletare eo ba neng ba e entse.

  • Esaia 37:37, 38
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 37 Morena Sankeribe oa Asiria a khutlela Ninive+ ’me a lula teng.+ 38 Ha a ntse a rapela tempeleng* ea molimo oa hae Nisroke, bara ba hae e leng Adrameleke le Sharezere ba mo bolaea ka sabole+ ’me ba balehela naheng ea Ararate.+ Mora oa hae Esare-hadone+ ea e-ba morena.

  • Jonase 1:5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 5 Basesisi ba sekepe ba ne ba tšohile hoo e mong le e mong oa bona a ileng a qala ho hoeletsa ho kopa thuso ho molimo oa hae. Ba ntša lintho tse neng li le ka sekepeng, ba li lahlela ka leoatleng e le hore ba fokotse boima ba sona.+ Empa Jonase o ne a le karolong e ka tlase ea sekepe a ile le sephume sa boroko.

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela