Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Joshua 10:8-14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 8 Jehova a re ho Joshua: “U se ke oa ba tšaba+ hobane ke nehelane ka bona ho uena.+ Ha ho le ea mong oa bona ea tla u hlola.”+ 9 Joshua le masole a hae ba tsamaea bosiu kaofela ho tloha Gilgale ’me ba hlasela lira tsa bona li sa lebella. 10 Jehova a li ferekanya ka pel’a Baiseraele+ ’me ba li bolaea ka bongata Gibeone, ba li lelekisa tseleng e moepa ea Bethe-horone ’me ba li bolaea ho ea fihla Azeka le Makeda. 11 Ha lira tsa Baiseraele li ntse li ba baleha ’me li le motheong oa Bethe-horone, Jehova a li nesetsa sefako se seholo ho ea fihla Azeka ’me tsa shoa. Ha e le hantle, ba bolailoeng ke sefako ba ne ba le bangata ho feta bao Baiseraele ba ba bolaileng ka sabole.

      12 Joale, letsatsing leo ka lona Jehova a ileng a felisa Baamore ka pel’a Baiseraele, Joshua o ile a bua le Jehova ka pel’a Baiseraele a re:

      “Letsatsi, ema+ holim’a Gibeone,+

      Uena khoeli, u se ke oa sisinyeha holim’a Khohlo* ea Ajalone!”

      13 Kahoo, letsatsi la ema tsi! le khoeli ea se ke ea sisinyeha ho fihlela sechaba se iphetelitse ho lira tsa sona. Na ha hoa ngoloa bukeng ea Jashare?+ Letsatsi la ema bohareng ba leholimo ’me la se ke la potlakela ho likela hoo e ka bang letsatsi lohle. 14 Ha ho e-s’o ka ho e-ba le letsatsi le tšoanang le leo, leo ka lona Jehova a ileng a mamela lentsoe la motho+ ebang ke pele ho lona kapa ka mor’a lona hobane Jehova o ne a loanela Baiseraele.+

  • 2 Samuele 5:20
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 20 Kahoo, Davida a ea Baale-perazime ’me a ba bolaela moo. Eaba o re: “Jehova o hlotse lira tsa ka+ joaloka lerako le lihiloeng ke metsi.” Ke ka lebaka leo a ileng a bitsa sebaka seo Baale-perazime.*+

  • 1 Likronike 14:10-16
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Davida a botsa Molimo a re: “Na nka ea ke e’o loantša Bafilista? Na u tla nthusa hore ke ba hlole?” Eaba Jehova o re ho eena: “Tsamaea ’me ke tla u thusa hore u ba hlole.”+ 11 Davida a ea Baale-perazime+ ’me a ba bolaela moo. Eaba o re: “Molimo oa ’nete o hlotse lira tsa ka joaloka lerako le lihiloeng ke metsi.” Ke ka lebaka leo ba ileng ba bitsa sebaka seo Baale-perazime.* 12 Bafilista ba siea melimo ea bona ea litšoantšo moo ’me e ile ea chesoa mollong+ ha Davida a fana ka taelo eo.

      13 Hamorao Bafilista ba boela ba hlasela batho ba lulang khohlong.*+ 14 Davida a boela a botsa Molimo empa Molimo oa ’nete a re ho eena: “U se ke oa nyolohela ho bona ka ho toba. Empa u ba pote ka morao ’me u ba hlasele u hlaha ka pel’a lihlahla tsa bak’ha.+ 15 Ha u utloa lerata la masole a tsamaeang holim’a lihlahla tsa bak’ha, u a hlasele hang-hang hobane Molimo oa ’nete o tla be a u eteletse pele ho ea bolaea masole a Bafilista.”+ 16 Davida a etsa feela joalokaha Molimo oa ’nete a mo laetse+ eaba ba bolaea masole a Bafilista ho tloha Gibeone ho ea fihla Gezere.+

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela