Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 32:4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 4 A nka khauta ho bona ’me a bopa setšoantšo* sa namane+ ka eona a sebelisa thulusi e betlang. Eaba ba re: “Enoa ke Molimo oa hao, uena Iseraele, ea u etelletseng pele ho tsoa naheng ea Egepeta.”+

  • Deuteronoma 7:5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 5 Ho e-na le hoo, le etse tjena ho lichaba tseo: Le heletse lialetare tsa tsona, le lihe lipilara tsa tsona tse halalelang,+ le khaole lipalo tsa tsona tse halalelang*+ ’me le chese le litšoantšo tsa tsona tse betliloeng.+

  • Deuteronoma 7:25
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 25 Le chese litšoantšo tsa melimo ea tsona mollong.+ Le se ke la khalla silevera le khauta e ho tsona kapa la inkela eona+ e le hore e se ke ea le tšoasa hobane ke ntho e nyonyehang ho Jehova Molimo oa lona.+

  • Baahloli 17:3, 4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 Eaba o khutlisetsa likotoana tsa silevera* tse 1 100 ho ’mè oa hae empa ’mè oa hae a re: “Ke tla halaletsa silevera ena e tsoang letsohong la ka ho Jehova e le hore mora oa ka a ka e sebelisetsa ho etsa setšoantšo le seemahale sa tšepe.+ Joale ke tla e khutlisetsa ho uena.”

      4 Ka mor’a ho khutlisetsa silevera ho ’mè oa hae, ’mè oa hae a nka likotoana tsa silevera* tse 200 a li neha motho ea etsang lintho tsa silevera. Motho eo a etsa setšoantšo le seemahale sa tšepe* ’me tsa behoa ka tlung ea Mikea.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2024)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2023 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela