Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Esaia 65:2
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  2 Ke otlolotse matsoho a ka letsatsi lohle bakeng sa sechaba sena se manganga,+

      Se tsamaeang tseleng e fosahetseng,+

      Se latelang menahano ea sona.+

  • Jeremia 7:24
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 24 Empa ha baa ka ba mamela kapa ba sekeha tsebe.+ Ho e-na le hoo ba ile ba latela mehopolo* ea bona, ka manganga ba latela lipelo tsa bona tse khopo+ eaba ba ea morao eseng pele,

  • Jeremia 7:26
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 26 Empa ba hanne ho ’mamela ’me ha baa ka ba sekeha tsebe.+ Ho e-na le hoo, ba ne ba le manganga* eaba ba etsa hampe ho feta baholo-holo ba bona.

  • Ezekiele 20:8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 8 Empa ba ile ba mphetohela eaba ha ba ’mamele. Ha baa ka ba lahla lintho tse nyonyehang tseo ba neng ba e-na le tsona le ho khaotsa ho rapela litšoantšo tse nyonyehang tsa Egepeta.+ Ke ile ka ba bolella hore ke tla ba halefela ’me ke ntšetse bohale ba ka bohle ho bona ha ba le naheng ea Egepeta.

  • Zakaria 7:11, 12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Empa ba ’na ba hana ho mamela,+ ba ba manganga+ ’me ba ithiba litsebe hore ba se ke ba utloa.+ 12 Ba ile ba etsa hore lipelo tsa bona li be thata joaloka taemane*+ ’me ba hana ho mamela molao* le mantsoe ao Jehova oa mabotho a ileng a a romela ka moea oa hae a sebelisa baprofeta ba pele.+ Kahoo, Jehova oa mabotho a halefa haholo.”+

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela