-
2 Likronike 36:9, 10Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
9 Jojakine+ o ne a le lilemo li 18 ha e e-ba morena ’me a busa Jerusalema ka likhoeli tse tharo le matsatsi a leshome. O ne a etsa lintho tse sa thabiseng Jehova.+ 10 Ha selemo se qala, Morena Nebukadnezare a romela banna ba hae hore ba mo tlise Babilona+ le lintho tsa bohlokoa tsa ntlo ea Jehova.+ A etsa Tsedekia ngoan’abo ntate oa hae morena oa Juda le Jerusalema.+
-
-
Jeremia 24:1Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
24 Eaba Jehova o mpontša libaskete tse peli tsa lifeie* tse behiloeng ka pel’a tempele ea Jehova. O ile a mpontša tsona ka mor’a hore Nebukadnezare* morena oa Babilona a hape Jekonia*+ mora oa Jojakime,+ morena oa Juda hammoho le likhosana tsa Juda, litsebi tsa mesebetsi ea matsoho le batho ba sebetsang ka tšepe.* O ile a ba tlosa Jerusalema a ba isa Babilona.+
-
-
Jeremia 29:1, 2Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
29 Ana ke mantsoe a hlahang lengolong leo moprofeta Jeremia a ileng a le romela a le Jerusalema. O ile a le romela banna ba baholo ba har’a batho ba hapuoeng, baprista, baprofeta le batho bohle bao Nebukadnezare a neng a ba hapile a ba tlositse Jerusalema ho ba isa Babilona. 2 Ka nako eo, Morena Jekonia,+ ’mè oa morena,*+ balaoli ba lekhotla, likhosana tsa Juda le Jerusalema, litsebi tsa mesebetsi ea matsoho le batho ba sebetsang ka tšepe* ba ne ba se ba tsoile Jerusalema.+
-