Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 28:48-51
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 48 Jehova o tla romela lira ho lona ’me le tla li sebeletsa+ le ntse le lapile,+ le nyoriloe, le se na liaparo ebile le se na letho. O tla beha joko ea tšepe melaleng ea lona ho fihlela a le felisitse.

      49 Jehova o tla romela sechaba se tsoang hole,+ se tsoang qetellong ea lefatše hore se le hlasele, se tla le fofela joaloka ntsu,+ sechaba seo le ke keng la utloisisa puo ea sona,+ 50 sechaba se bohale se ke keng sa qenehela motho ea tsofetseng kapa e mocha.+ 51 Se tla ja mehlape ea lona le litholoana tsa naha ea lona ho fihlela le felisitsoe. Se ke ke sa le siela lijo, veine e ncha kapa oli, manamane kapa likonyana ho fihlela se le felisitse.+

  • Ezekiele 21:31
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 31 Ke tla ntšetsa bohale ba ka ho uena e le hore bo o chese joaloka mollo. Ke tla fana ka uena ho banna ba sehloho, bao e leng litsebi tsa ho bolaea batho.+

  • Habakuke 1:6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  6 Ke tla tlisa Bakalde,+

      Sechaba sa batho ba sehloho le ba bohale.

      Ba tsamaea hohle lefatšeng

      E le hore ba hape linaha tsa batho ba bang.+

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela