Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Marena 11:5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 5 Solomone a rapela Ashtorethe+ molimotsana oa Basidone le molimo ea nyonyehang oa Baamone e leng Milkome.+

  • 1 Marena 11:7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 7 Solomone a haha sebaka se phahameng+ bakeng sa molimo ea nyonyehang oa Moabe e leng Kemoshe le molimo ea nyonyehang oa Baamone+ e leng Moloke+ ka pel’a thaba ea Jerusalema.

  • Pesaleme 106:35, 36
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 35 Ho e-na le hoo, ba ile ba tloaelana le lichaba tseo,+

      Ba ithuta le mekhoa ea tsona.+

      36 Ba ’na ba rapela litšoantšo tsa tsona+

      ’Me lintho ha lia ka tsa ba tsamaela hantle.*+

  • Esaia 57:7, 8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  7 U behile bethe ea hao thabeng e holimo le e phahameng,+

      U nyolohetse teng ho ea nyehela sehlabelo.+

       8 U behile setšoantšo* sa hao ka tlung ea hao.*

      U mphuraletse ’me oa hlobola.

      Oa nyoloha, oa etsa hore bethe ea hao e be kholo.

      Oa etsa selekane le bona.

      U ratile ho robala betheng ea bona+

      Le ho sheba setho sa botona.*

  • Jeremia 2:20
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 20 ‘Etsoe ke khale ke robile joko ea hao+

      Le ho khaola liketane tsa hao.

      Empa u itse: “Nke ke ka u sebeletsa.”

      U ne u kakaletse maralleng ’ohle a phahameng le tlas’a lifate tsohle tse behang,+

      U ikentse letekatse.+

  • Jakobo 4:4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 4 Lona ba sa tšepahaleng,* na ha le tsebe hore ho etsa setsoalle le lefatše ho etsa hore le be lira tsa Molimo? Ka hona, mang kapa mang ea batlang ho ba motsoalle oa lefatše, o iketsa sera sa Molimo.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela