Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Marena 21:25, 26
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 25 Ha ho e-s’o ka ho e-ba le motho ea ikemiselitseng ho etsa lintho tse sa thabiseng Jehova joaloka Akabe+ ea susumetsoang ke mosali oa hae Jezebele.+ 26 O entse ntho e nyonyehang ka ho fetisisa ka hore a rapele litšoantšo tse nyonyehang* feela joaloka Baamore bohle bao Jehova a ileng a ba leleka ho Baiseraele.’”+

  • 2 Marena 21:2
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 2 O ile a etsa lintho tse sa thabiseng Jehova ka hore a etse lintho tse nyonyehang tse neng li etsoa ke lichaba+ tseo Jehova a neng a li lelekile ha Baiseraele ba hapa naha.+

  • 2 Marena 21:9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 Empa Baiseraele ha baa ka ba mamela, Manase o ile a ba khelosa, a etsa hore ba etse lintho tse mpe ho feta tse neng li etsoa ke lichaba tseo Jehova a neng a li felisitse ha Baiseraele ba hapa naha.+

  • Pesaleme 106:35, 36
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 35 Ho e-na le hoo, ba ile ba tloaelana le lichaba tseo,+

      Ba ithuta le mekhoa ea tsona.+

      36 Ba ’na ba rapela litšoantšo tsa tsona+

      ’Me lintho ha lia ka tsa ba tsamaela hantle.*+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela