Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Marena 24:12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Morena Jojakine oa Juda a ea ho morena oa Babilona+ a e-na le ’mè oa hae, bahlanka ba hae, likhosana le balaoli ba hae ba lekhotla.+ Ha morena oa Babilona a e-na le lilemo tse robeli a busa, a isa Jojakine botlamuoeng.+

  • 2 Marena 24:14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 Morena Nebukadnezare a isa batho ba 10 000 ba Jerusalema botlamuoeng e leng likhosana tsohle,+ banna bohle ba matla, litsebi tsa mosebetsi oa matsoho le ba sebetsang ka tšepe.*+ Ba nka batho bohle naheng ntle le ba futsanehileng haholo.+

  • Esaia 39:7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 7 Ba bang ba bara ba hao bao u tla ba le bona ba tla nkoa ’me e be balaoli ba lekhotla phaleising ea morena oa Babilona.’”+

  • Jeremia 22:24, 25
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 24 “Jehova, Molimo ea phelang o re: ‘Ke hlapanya ka ’na hore esita le haeba uena Konia*+ mora oa Jojakime,+ morena oa Juda, u ne u le reng e tempang e letsohong la ka le letona, ke ne ke tla u rola. 25 Ke tla nehelana ka uena ho ba batlang ho u bolaea, ho bao u ba tšabang, ho Nebukadnezare* morena oa Babilona le ho Bakalde.+

  • Jeremia 52:31, 32
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 31 Ka selemo sa bo37 Morena Jojakine+ oa Juda a hapuoe, ka letsatsi la bo25 khoeling ea bo12, Morena Evile-merodake oa Babilona a hauhela* Morena Jojakine oa Juda ’me a mo ntša teronkong selemong seo e bileng morena ka sona.+ 32 O ile a mo tšoara hantle ’me a mo hlompha ho feta marena* a mang a neng a hapuoe le eena Babilona.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela