Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Numere 14:13-16
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 Empa Moshe a re ho Jehova: “Joale Baegepeta bao u ntšitseng sechaba sena har’a bona ka matla a hao, ba tla utloa+ 14 ’me ba tla bolella baahi ba naha ena. Le bona ba utloile hore uena Jehova, u har’a sechaba sena+ ’me u itlhahisitse ho sona ka ho hlaka.*+ Ke uena Jehova ’me leru la hao le eme holim’a sona ’me u tsamaea ka pel’a sona ka leru* motšehare le ka mollo* bosiu.+ 15 Haeba u ka bolaea sechaba sena kaofela ka nako e le ’ngoe,* lichaba tse utloileng ka botumo ba hao li tla re: 16 ‘Jehova o ne a sa khone ho kenya sechaba sena naheng eo a ileng a ikana hore o tla se fa eona. Kahoo, o se bolaetse lefeelleng.’+

  • Deuteronoma 9:27, 28
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 27 Hopola bahlanka ba hao e leng Abrahama, Isaka le Jakobo.+ U tšoarele manganga a sechaba sena, bokhopo ba sona le sebe sa sona.+ 28 Ho seng joalo, sechaba seo u re ntšitseng naheng ea sona se ka re: “Jehova o ne a sa khone ho se isa naheng eo a se tšepisitseng eona ’me kaha o se hloile, o se ntšitse hore a se bolaele lefeelleng.”+

  • 1 Samuele 12:22
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 22 Jehova a ke ke a lahla batho ba hae+ ka lebaka la lebitso la hae le leholo+ hobane Jehova o khethile ho le etsa sechaba sa hae.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela