Deuteronoma
9 Mamelang lona Baiseraele. Kajeno le tšela Jordane+ ho ea leleka lichaba tse kholo le tse matla ho le feta,+ metse e meholo le eo marako a eona a fihlang maholimong,+ 2 sechaba se matla le se nang le batho ba balelele, bara ba Baanake,+ bao le ba tsebang le bao le ileng la utloa ho thoe ka bona, ‘Ke mang ea ka emang ka pel’a bara ba Anake?’ 3 Kahoo, tsebang kajeno hore Jehova Molimo oa lona o tla le etella pele.+ O tšoana le mollo o felisang+ ’me o tla ba felisa. O tla ba kokobetsa ka pel’a lona e le hore le ka ba leleka ka potlako ’me la ba felisa feela joalokaha Jehova a le tšepisitse.+
4 Ha Jehova Molimo oa lona a ba leleka, le se ke la re ka lipelong tsa lona, ‘Jehova o re tlisitse ho tla nka naha ena hobane re lokile.’+ Ho e-na le hoo, Jehova o leleka lichaba tsena ka lebaka la bokhopo ba tsona.+ 5 Ha le tl’o nka naha ea tsona hobane le lokile kapa le e-na le lipelo tse lokileng. Ho e-na le hoo, Jehova Molimo oa lona o leleka lichaba tsena ka pel’a lona+ kahobane li le khopo e le hore a phethe lentsoe leo Jehova a le hlapanyelitseng baholo-holo ba lona e leng Abrahama,+ Isaka+ le Jakobo.+ 6 Joale tsebang hore ha se hobane le lokile Jehova Molimo oa lona a le fang naha ena e ntle hore le e nke ’me e be ea lona hobane le sechaba se manganga.*+
7 Le se ke la lebala kamoo le halefisitseng Jehova Molimo oa lona kateng lefeelleng.+ Le fetohetse Jehova+ ho tloha letsatsing leo ka lona le tsoileng naheng ea Egepeta ho fihlela le fihla sebakeng sena. 8 Leha le le Horebe le ile la halefisa Jehova ’me Jehova o ile a le halefela hoo a batlileng a le felisa.+ 9 Ha ke nyolohela thabeng ho ea amohela matlapa a lejoe+ e leng matlapa a selekane seo Jehova a neng a se entse le lona,+ ke ile ka lula thabeng ka matsatsi a 40 le masiu a 40,+ ke sa je ebile ke sa noe metsi. 10 Joale Jehova a mpha matlapa a mabeli a lejoe a ngotsoeng ka monoana oa Molimo ’me ho ’ona ho ne ho e-na le mantsoe ’ohle ao Jehova a a buileng le lona thabeng har’a mollo letsatsing leo le neng le kopane* moo.+ 11 Ha matsatsi a 40 le masiu a 40 a fela, Jehova a mpha matlapa a mabeli a lejoe e leng matlapa a selekane. 12 Eaba Jehova o re ho ’na, ‘Ema ’me u theohe kapele hobane sechaba sa heno seo u se ntšitseng Egepeta se entse sebe.+ Se khelohile kapele tseleng eo ke itseng se e latele. Se iketselitse setšoantšo sa tšepe.’*+ 13 Jehova a boela a re ho ’na, ‘Ke bone hore sechaba sena ke sechaba se manganga.*+ 14 u se ke oa nthibela hore ke se felise, ke hlakole lebitso la sona tlas’a maholimo ’me ke u etse sechaba se matla le se sengata ho se feta.’+
15 Eaba ke theoha thabeng ha thaba e ntse e tuka mollo+ ke nkile matlapa a mabeli a selekane.+ 16 Joale ka bona hore le sitetsoe Jehova Molimo oa lona. Le ne le iketselitse namane ea tšepe.* Le ne le khelohile kapele tseleng eo Jehova a itseng le e latele.+ 17 Eaba ke phahamisa matlapa a mabeli, kea lahlela fatše ’me kea pshatla ka pel’a lona.+ 18 Ka khumama* ka pel’a Jehova sefahleho sa ka se shebile fatše joaloka pele, ka matsatsi a 40 le masiu a 40. Ke ne ke sa je lijo leha e le ho noa metsi+ ka lebaka la libe tsohle tseo le li entseng ka ho etsa lintho tse sa thabiseng Jehova le ho mo utloisa bohloko. 19 Ke ne ke tšohile hobane Jehova o ne a le halefetse haholo+ hoo a neng a ikemiselitse ho le felisa. Leha ho le joalo, le ka nako eo Jehova o ile a ’mamela.+
20 Jehova o ne a halefetse Arone ’me a ikemiselitse ho mo felisa+ empa le ka nako eo ke ile ka etsetsa Arone thapeli. 21 Eaba ke nka namane eo le neng le e entse,+ eo le ileng la etsa sebe ka lebaka la ho e etsa, ka e chesa mollong. Ka e pshatla ka ba ka e sila ho fihlela e e-ba joaloka lerole ’me ka e qhalla nokaneng e phallang ho tloha thabeng.+
22 Le ile la boela la halefisa Jehova ha le le Tabera,+ Masa+ le Kibrothe-hatava.+ 23 Ha Jehova a le ntša Kadeshe-barnea+ ’me a re, ‘Nyolohang ’me le nke naha eo ka sebele ke tla le fa eona,’ le ile la boela la hana ho mamela taelo ea Jehova Molimo oa lona+ ’me ha lea ka la bontša tumelo ho eena+ le ho mo mamela. 24 Haesale le sa mamele Jehova ho tloha ha ke qala ho le tseba.
25 Kahoo, ka ’na ka khumama ka pel’a Jehova sefahleho sa ka se shebile fatše ka matsatsi a 40 le masiu a 40.+ Ke ile ka khumama ka tsela ena hobane Jehova a ne a itse o tl’o le felisa. 26 Ka etsa thapeli ho Jehova ka re, ‘Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle, u se ke oa felisa sechaba sa hao. Ke sechaba sa hao*+ seo u se lopolotseng ka matla a hao ’me oa se ntša Egepeta ka letsoho le matla.+ 27 Hopola bahlanka ba hao e leng Abrahama, Isaka le Jakobo.+ U tšoarele manganga a sechaba sena, bokhopo ba sona le sebe sa sona.+ 28 Ho seng joalo, sechaba seo u re ntšitseng naheng ea sona se ka re: “Jehova o ne a sa khone ho se isa naheng eo a se tšepisitseng eona ’me kaha o se hloile, o se ntšitse hore a se bolaele lefeelleng.”+ 29 Ke sechaba sa hao le lefa la hao.*+ Ke sechaba seo u se ntšitseng ka matla a hao a maholo le ka letsoho la hao le matla.’+