-
Exoda 32:11, 12Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
11 Moshe a kopa Jehova Molimo oa hae+ ’me a re: “Jehova, ke hobane’ng ha u halefela sechaba sa hao ka mor’a ho se ntša naheng ea Egepeta ka letsoho le matla?+ 12 U se ke oa lumella Baegepeta hore ba re, ‘O ne a e-na le morero o mobe ha a ntša Baiseraele Egepeta. O ne a batla ho ba bolaela lithabeng le ho ba felisa lefatšeng.’+ Kokobetsa khalefo ea hao ’me u fetole* qeto ea hao ea ho tlisetsa sechaba sa hao tlokotsi.
-
-
Joshua 2:9, 10Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
9 A re ho bona: “Kea tseba hore Jehova o tla le fa naha ena+ hape re le tšaba haholo.+ Baahi bohle ba naha ba nyahame ka lebaka la lona+ 10 hobane re utloile kamoo Jehova a ileng a le bulela tsela e ommeng Leoatleng le Lefubelu ha le ne le tsoa Egepeta.+ Hape re utloile le seo le ileng la se etsa ho marena a mabeli a Baamore e leng Sihone+ le Oge,+ ao le ileng la a felisa ka lehlakoreng* lane la Jordane.
-