-
Exoda 20:8-10Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
8 Hopola letsatsi la Sabatha ’me u le nke le halalela.+ 9 U etse mosebetsi oohle oa hao ka matsatsi a tšeletseng+ 10 empa letsatsi la bosupa ke sabatha ea Jehova Molimo oa hao. U se ke oa etsa mosebetsi leha e le ofe, uena kapa mora oa hao kapa morali oa hao kapa lekhoba la hao la monna kapa la mosali kapa phoofolo ea hao kapa molichaba oa hao ea lulang ka har’a motse.*+
-
-
Levitike 25:4Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
4 Empa selemong sa bosupa, ho be le sabatha ea phomolo e feletseng bakeng sa naha e leng sabatha ea Jehova. U se ke oa jala peo tšimong ea hao kapa oa poma makala a lifate tsa morara tse serapeng sa hao sa morara.
-