-
2 Marena 25:5-7Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
5 Empa masole a Bakalde a lelekisa morena, a mo fumana lehoatateng la Jeriko, masole ’ohle a hae a ne a balehile. 6 A tšoara morena+ ’me a mo tlisa ho morena oa Babilona Ribla eaba oa ahloloa. 7 A bolaea bara ba Tsedekia ka pel’a mahlo a hae ’me Nebukadnezare a mo foufatsa, a mo tlama ka liketane tsa koporo eaba o mo isa Babilona.+
-
-
Ezekiele 12:12, 13Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
12 Khosana e har’a bona e tla jara thoto ea eona ebe e tsamaea ho le lefifi. E tla phunya lesoba leboteng, e ntše thoto ea eona ka lona.+ E tla ikoahela sefahleho e le hore e se ke ea bona fatše.’ 13 Ke tla e koahela ka letlooa ke e tšoase,+ ke e tlise Babilona naheng ea Bakalde empa e ke ke ea bona naha eo ’me e tla shoella moo.+
-