19 Ke ile ka ba hasanya har’a lichaba, ka ba ka ba qhalakanya har’a linaha,+ ka ba ahlola ho ea ka liketso tsa bona. 20 Empa ha ba fihla lichabeng tseo, batho ba ile ba silafatsa lebitso la ka le halalelang+ ka ho re ka bona, ‘Batho bana ke ba Jehova empa ba ile ba tlameha ho tloha naheng ea hae.’