-
Deuteronoma 28:63, 64Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
63 Feela joalokaha Jehova a ne a thabela ho le hlohonolofatsa le ho le atisa, ka ho tšoanang Jehova o tla thabela ho le felisa ’me le tla tlosoa naheng eo le eang ho e nka hore e be ea lona.
64 Jehova o tla le hasanya har’a lichaba tsohle, ho tloha pheletsong e ’ngoe ea lefatše ho ea pheletsong e ’ngoe ea lefatše+ ’me moo le tla lokela ho sebeletsa melimo e entsoeng ka patsi le lejoe, eo lona kapa baholo-holo ba lona ba sa kang ba e tseba.+
-
-
Joshua 23:15, 16Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
15 Empa feela joalokaha litšepiso tsohle tse molemo tseo Jehova Molimo oa lona a le boleletseng tsona li phethahetse,+ Jehova o tla le tlisetsa tlokotsi eohle eo a e tšepisitseng* ’me a le felise naheng ena e ntle eo Jehova Molimo oa lona a le fileng eona.+ 16 Haeba le tlola selekane sa Jehova Molimo oa lona seo a le laetseng hore le se boloke ’me haeba le sebeletsa melimo e meng le ho e inamela, joale Jehova o tla le halefela haholo+ ’me le tla felisoa ka potlako naheng e ntle eo a le fileng eona.”+
-
-
1 Marena 9:6, 7Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
6 Empa haeba uena le bara ba hao le tlohela ho ntatela, le sa mamele melao ea ka le litaelo tsa ka tseo ke le fileng tsona ’me le e’o sebeletsa melimo e meng ebile le e inamela,+ 7 ke tla felisa Baiseraele hohle naheng eo ke ba fileng eona,+ ke tlose ntlo eo ke e halalelitseng bakeng sa lebitso la ka+ ’me Baiseraele ba tla makalloa ba be ba tšehoe* ke batho bohle.+
-