15 Saule a romela baromuoa bao hape hore ba ee ho Davida, a re ho bona: “Mo kakaseng ka bethe ea hae le mo tlise ho ’na hore a tl’o bolaoa.”+ 16 Ha baromuoa ba kena, ba fumana ho e-na le setšoantšo sa terafime betheng se sametsoeng lesela le entsoeng ka boea ba poli.