Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Jeremia 30:9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 Ba tla sebeletsa Jehova Molimo oa bona, ba sebeletse Davida, morena eo ke tla mo khetha bakeng sa bona.”+

  • Ezekiele 34:23, 24
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 23 Ke tla li fa molisa a le mong+ e leng mohlanka oa ka Davida+ ’me o tla li fepa. O tla li fepa, e be molisa oa tsona.+ 24 ’Na Jehova ke tla ba Molimo oa tsona+ ’me mohlanka oa ka Davida e be khosana ea tsona.+ Ke ’na Jehova ea buileng.

  • Ezekiele 37:24, 25
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 24 Mohlanka oa ka Davida e tla ba morena oa bona+ ebile kaofela ha bona ba tla ba le molisa a le mong.+ Ba tla mamela melao ea ka le litaelo tsa ka.+ 25 Ba tla lula naheng eo ke e fileng mohlanka oa ka Jakobo, moo baholo-holo ba bona ba neng ba lula teng.+ Ba tla lula moo bophelo bohle ba bona+ hammoho le bana* ba bona le litloholo tsa bona.+ Mohlanka oa ka Davida o tla lula e le khosana ea bona.+

  • Amose 9:11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Ke tla phahamisa ntlo* ea Davida+ e oeleng,

      Ke koale likheo tse maboteng a eona,*

      Ke e lokise

      Ke etse hore e tšoane le mehleng ea khale+

  • Luka 1:31-33
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 31 U tla ima, u tsoale mora+ ebe u mo reha Jesu.+ 32 O tla ba matla,+ a bitsoe Mora oa Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa.+ Jehova* o tla mo fa terone ea ntate oa hae Davida,+ 33 puso ea hae e ke ke ea fela+ ’me e tla ba morena oa bana ba Jakobo ka ho sa feleng.”

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela