Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Samuele 7:8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 8 E-re ho mohlanka oa ka Davida, ‘Jehova oa mabotho o re: “Ke u nkile naheng moo u neng u lisa mohlape,+ ka u etsa moeta-pele oa sechaba sa ka sa Iseraele.+

  • 2 Samuele 7:12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Ha u shoa+ ’me u patoa le baholo-holo ba hao, ke tla etsa hore ngoana* oa hao, mora oa hao* e be morena ea u hlahlamang ’me ke tla tiisa ’muso oa hae.+

  • Pesaleme 132:11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Jehova o hlapanyelitse Davida.

      A ke ke a koenehela seo a se buileng, ha a ne a re:

      “Ke tla beha e mong oa litloholo tsa hao

      Teroneng ea hao.+

  • Esaia 9:7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  7 Puso* ea hae e ke ke ea khaotsa ho hola

      Le khotso e tla ba teng ka ho sa feleng+

      Teroneng ea Davida+ le ’musong oa hae.

      E tla tsitsisoa+ le ho tšehetsoa

      Ka toka+ le ka ho loka,+

      Ho tloha hona joale ho ea ho ile.

      Jehova oa mabotho o tla etsa sena ka cheseho.

  • Esaia 11:1
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Ho tla hlaha lekala+ kutung ea Jese,+

      Lehlomela+ le tsoang metsong ea hae le tla beha litholoana.

  • Esaia 11:10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Letsatsing leo, e mong ea tsoang lelapeng la Jese*+ o tla ema e le pontšo* bakeng sa lichaba.+

      Lichaba li tla batla tataiso ho eena*+

      ’Me ho tla khanya moo a lulang.*

  • Jeremia 23:5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 5 Jehova o re: “Ho na le mohla ke tla hlahisetsa Davida mojalefa* ea lokileng.+ E tla ba morena+ ’me a sebetse ka bohlale, a phethise toka le ho loka lefatšeng.*+

  • Matheu 1:1
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 1 Buka ea histori* ea Jesu Kreste* mora oa Davida.+ Davida o tsoa lelapeng la Abrahama:+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2025)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela