Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Esaia 21:11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Phatlalatso e tobisitsoeng ho Duma ke ena:*

      Ho na le motho ea nkhoeletsang a le Seire+ a re:

      “Molebeli, bosiu bo tla sa neng?

      Molebeli, bosiu bo tla sa neng?”

  • Ezekiele 25:12-14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Baedomo ba molato hobane ba iphetelitse ho Bajuda.+ 13 Ka lebaka leo, Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: “Ke tla ahlola Baedomo ka hore ke felise naha ea bona, liphoofolo le batho.+ Ba tla bolaoa ka sabole ho tloha Temane ho ea Dedane.+ 14 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Ke tla iphetetsa ho Baedomo ke sebelisa sechaba sa ka sa Iseraele.+ Ke tla sebelisa sona ha ke ntšetsa bohale ba ka ho Baedomo e le hore ba utloe ha ke iphetetsa.’+

  • Joele 3:19
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 19 Egepeta eona e tla lula e se na baahi,+

      Edomo e fetohe lithako

      Hobane li ile tsa tšoara Bajuda hampe,+

      Bao naheng ea bona ho ileng ha bolaoa batho ba se nang molato.+

  • Amose 1:11, 12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Jehova o re:

      ‘Baahi ba Edomo+ ba ntšitetsoe ka makhetlo-khetlo.* Kahoo, nke ke ka fetola qeto eo ke seng ke e entse

      Hobane ba ile ba lelekisa bana ba bo bona ka sabole+

      Eaba ha ba ba hauhele.

      Ba ba ranthanya ba halefile

      Ebile ba lula ba ba halefetse.+

      12 Ke tla romela mollo Temane.+

      O tla chesa litora tse sirelelitsoeng tsa Bozra.’+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela