Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Jeremia 30:10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Jehova o re: “Uena Jakobo mohlanka oa ka, u se ke oa tšoha,

      U se ke oa haroha letsoalo, uena Iseraele.+

      Etsoe ke tla u pholosa u le hole,

      Ke pholose le bana ba hao naheng eo ba isitsoeng ho eona ha ba ne ba haptjoa.+

      Jakobo o tla khutla ’me a phele ka khotso le khutso,

      Ho se na motho ea tla mo tšosa.”+

  • Ezekiele 34:28
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 28 Ha ba sa tla hlola ba hlaseloa ke lichaba, le libata tsa naha li ke ke tsa ba bolaea. Ba tla lula ba sireletsehile ho se na motho ea ba tšosang.+

  • Ezekiele 39:25, 26
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 25 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Ke tla khutlisa batho ba Jakobo ba neng ba isitsoe botlamuoeng,+ ke ba khutlisetse naheng ea bona ’me ke hauhele Baiseraele bohle.+ Ke tla etsa kahohle ho loanela lebitso la ka le halalelang.+ 26 Ka mor’a hore ba tlotlolloe ka lebaka la ho se ntšepahalle,+ ba tla lula ba sireletsehile naheng ea bona ho se na motho ea ba tšosang.+

  • Hosea 2:18
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 18 Letsatsing leo, ke tla etsa selekane bakeng sa bona le liphoofolo tse hlaha,+

      Linonyana le liphoofolo tse hahabang.+

      Ke tla felisa seqha, sabole le ntoa naheng,+

      Ke etse hore ba phele ba sireletsehile.+

  • Mikea 4:4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  4 E mong le e mong o tla lula tlas’a sefate sa hae sa morara le sa feie.*+

      Ha ho na motho ea tla ba tšosa+

      Kaha Jehova oa mabotho o se a buile.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela