-
Mikea 4:6, 7Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
6 Jehova o re, “Letsatsing leo,
Ke tla bokella ea neng a hlotsa,
Ke phuthe ea neng a hasantsoe+
Ke be ke phuthe le bao ke ileng ka ba tšoara hampe.
7 Ke tla etsa hore ba neng ba hlotsa ba sale,+
Ea neng a suthiselitsoe hole ke mo etse sechaba se matla.+
Jehova o tla busa e le morena oa bona Thabeng ea Sione
Ho tloha hona joale ho ea ho ile.
-