12 Ke tla hlokomela linku tsa ka joaloka molisa ea hlokomelang linku tsa hae tse neng li hasane ebe oa li fepa.+ Ke tla li pholosa libakeng tsohle tseo li neng li hasane ho tsona letsatsing la maru le la lefifi le letšo-letšo,+
16 Ke tla batlana le e lahlehileng,+ ke khutlise e hlahlathetseng, ke tlamise e lemetseng ke be ke matlafatse e fokolang. Empa ke tla felisa e nonneng le e matla ebile ke tla e ahlola.”
21 U ba bolelle hore Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: “Ke tla lata Baiseraele lichabeng tseo ba leng ho tsona, ke be ke ba late libakeng tsohle tseo ba leng ho tsona ke ba khutlisetse naheng ea bona.+