-
Mareka 3:22-27Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
22 Hape, bangoli ba theohileng Jerusalema ba ne ba re: “O kenoe ke Beelzebube,* o leleka bademona ka ’musi oa bademona.”+ 23 Kahoo, a ba bitsa, a ba etsetsa mohlala a re: “Satane a ka leleka Satane joang? 24 Haeba ’muso o arohana, o ke ke oa ema+ 25 ’me haeba lelapa* le arohana, le ke ke la tšoarella. 26 Hape, haeba Satane a itoantša a bile a arohane, a ke ke a ema empa o tla fela. 27 Ha e le hantle, motho ea kenang ka tlung ea monna ea matla a ke ke a khona ho utsoa thepa ea hae ntle le hore a mo fase pele. Ka mor’a moo ke hona a ka utsoang thepa e ka tlung ea hae.
-
-
Luka 11:15-23Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
15 Empa ba bang ba bona ba re: “O leleka bademona ka Beelzebube* ’musi oa bademona.”+ 16 Batho ba bang ba mo leka ba re a etse mohlolo+ o tsoang leholimong. 17 Ka ho tseba menahano ea bona,+ a re ho bona: “’Muso o mong le o mong o arohaneng o tla oa, le lelapa* le arohaneng le ke ke la tšoarella. 18 Kahoo, haeba Satane le eena oa itoantša, ’muso oa hae o tla ema joang? Kaha le re ke leleka bademona ka Beelzebube. 19 Joale haeba ’na ke leleka bademona ka Beelzebube, bara ba lona ba ba leleka ka mang? Ke ka lebaka lena ba tla le ahlola. 20 Empa haeba ke leleka bademona ka matla* a Molimo,+ ’Muso oa Molimo o se o fihlile empa ha le e-s’o o bone.+ 21 Ha monna ea matla ea hlometseng hantle a lebela ntlo ea hae, thepa ea hae e lula e sireletsehile. 22 Empa haeba motho e mong ea matla ho mo feta a mo hlasela ebe oa mo hlola, o tla mo amoha lihlomo tsohle tsa hae tseo a li tšepileng ebe o inkela lintho tsa hae. 23 Mang kapa mang ea seng ka lehlakoreng la ka o khahlanong le ’na ’me mang kapa mang ea sa bokelleng le ’na oa hasanya.+
-