-
Matheu 12:24-29Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
24 Ha Bafarisi ba utloa ba re: “Motho enoa o leleka bademona ka Beelzebube* ’musi oa bademona.”+ 25 Ka ho tseba menahano ea bona, a re ho bona: “’Muso o mong le o mong o arohaneng oa oa, le motse o mong le o mong kapa lelapa* le arohaneng le ke ke la tšoarella. 26 Ka tsela e tšoanang, haeba Satane a leleka Satane, oa itoantša. Joale ’muso oa hae o tla ema joang? 27 Hape, haeba ’na ke leleka bademona ka Beelzebube, bara ba lona ba ba leleka ka mang? Ke ka lebaka lena ba tla le ahlola. 28 Empa haeba ke leleka bademona ka moea oa Molimo, ’Muso oa Molimo o se o fihlile empa ha le e-s’o o bone.+ 29 Motho a ka futuhela ntlo ea monna ea matla a ba a nka thepa ea hae joang ntle le hore a mo fase pele? Ka mor’a moo, ke hona a ka utsoang thepa e ka tlung ea hae.
-