Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Mareka 8:1-9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 8 Ka nako eo, batho ba bokana moo Jesu a neng a le teng. Ba ne ba se na lijo, kahoo a bitsa barutuoa a re ho bona: 2 “Ke hauhela batho bana+ hobane ba se ba qetile matsatsi a mararo ba lutse le ’na ’me ha ba na letho le jeoang.+ 3 Haeba nka re ba ee hae ba lapile, ba tla felloa ke matla tseleng ebile ba bang ba bona ba tsoa hole.” 4 Empa barutuoa ba hae ba re: “Ha re le hole tjee motho a ka fumana mahobe a lekaneng batho baa hokae?” 5 Eaba Jesu o re ho bona: “Le na le mahobe a makae?” Ba re: “A supileng.”+ 6 A re batho ba lule fatše. A nka mahobe ao a supileng, a leboha, a a qhetsola a a fa barutuoa ba hae, barutuoa bona ba a fa batho.+ 7 Hape ba ne ba e-na le litlhapi tse nyenyane tse seng kae ’me a li hlohonolofatsa, a ba bolella hore le tsona ba li abe. 8 Kahoo, ba ja ba khora eaba barutuoa ba nka libaskete* tse supileng tse kholo tse tletseng bohobe bo setseng.+ 9 Ho ne ho e-na le banna ba ka bang 4 000. Ka mor’a moo Jesu a re ba tsamaee.

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela