Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Matheu 15:32-38
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 32 Empa Jesu a bitsa barutuoa ba hae a re: “Ke hauhela batho bana+ hobane ba se ba qetile matsatsi a mararo ba lutse le ’na ’me ha ba na lijo. Ha ke batle hore ba tsamaee ba lapile hobane ba ka ’na ba felloa ke matla tseleng.”+ 33 Leha ho le joalo, barutuoa ba re ho eena: “Re tla fumana mahobe a tla fepa batho ba bangata hakaale hokae re le hole tjee?”+ 34 Eaba Jesu o re ho bona: “Le na le mahobe a makae?” Ba re: “A supileng le litlhapi tse nyenyane tse seng kae.” 35 Kahoo, ha a qeta ho bolella batho hore ba lule fatše, 36 a nka mahobe ao a supileng le litlhapi ’me ka mor’a ho leboha, a li arola, a li fa barutuoa, barutuoa bona ba li fa batho.+ 37 Bohle ba ja ba khora eaba barutuoa ba nka libaskete* tse supileng tse kholo tse tletseng bohobe bo setseng.+ 38 Ho ile ha ja batho ba 4 000 ho sa balelloe basali le bana.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela