Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Mareka 14:66-72
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 66 Ha Petrose a ntse a le tlase lebaleng, e mong oa banana ba sebeletsang moprista ea phahameng a tla.+ 67 Ha a bona Petrose a iphuthumalitse mollong, a mo sheba ’me a re: “Le uena u ne u e-na le Jesu enoa oa Monazaretha.” 68 Empa a hana a re: “Ha ke mo tsebe ebile ha ke tsebe hore na u bua ka’ng.” Eaba Petrose o ea keiting. 69 Ngoanana e mong a mo bona hape. A re ho ba emeng haufi le moo: “E mong oa bona ke enoa.” 70 A boela a itatola. Ka mor’a nakoana, ba emeng haufi le moo ba re ho Petrose: “Kannete u e mong oa bona hobane hantle-ntle u Mogalilea.” 71 Empa a hlapanya a re: “Motho enoa eo le buang ka eena ha ke mo tsebe.” 72 Hang-hang mokoko oa lla lekhetlo la bobeli+ ’me Petrose a hopola hore Jesu o ile a re: “Pele mokoko o lla habeli, u tla be u ntatotse hararo.”+ A sitoa ho ithiba eaba o lla habohloko.

  • Luka 22:54-62
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 54 Eaba baa mo tšoara+ ba mo isa ka tlung ea moprista ea phahameng empa Petrose a mo sala morao a le sebakana.+ 55 Ba ile ba besa mollo bohareng ba lebala, ba lula fatše eaba Petrose le eena o lula le bona.+ 56 Empa ha ngoanana* e mong a mo bona a lutse mollong, a mo shebisisa eaba o re: “Le enoa o ne a e-na le eena.” 57 Empa a hana a re: “Mosali, monna eo ha ke mo tsebe.” 58 Ka mor’a nakoana motho e mong a mo bona eaba o re: “Le uena u e mong oa bona.” Empa Petrose a re: “Monn’a heso, ha ho joalo.”+ 59 Ka mor’a nako e ka etsang hora monna e mong a tiisa a re: “Kannete monna enoa le eena o ne a e-na le eena hobane hantle-ntle ke Mogalilea.” 60 Empa Petrose a re: “Monn’a heso, ha ke tsebe hore na u bua ka’ng.” Eare ha a sa ntse a bua, mokoko oa lla. 61 Eaba Morena oa hetla o sheba Petrose ’me Petrose a hopola hore Morena o ile a re eena: “Pele mokoko o lla kajeno, u tla be u ntatotse hararo.”+ 62 Eaba o tsoela ka ntle o lla habohloko.

  • Johanne 18:15-17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 15 Simone Petrose a latela Jesu a e-na le morutuoa e mong.+ Kaha moprista ea phahameng o ne a tseba morutuoa eo, morutuoa eo a kena le Jesu lebaleng la moprista ea phahameng. 16 Petrose eena o ne a eme ka ntle monyako. Morutuoa eo ea tsejoang ke moprista ea phahameng a tsoa a bua le ngoanana ea lebelang monyako eaba Petrose o lumelloa ho kena. 17 Joale ngoanana eo a re ho Petrose: “Na ha u e mong oa barutuoa ba monna eo?” A re: “Ha ke eena.”+

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela