Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Matheu 9:23-26
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 23 Ha Jesu a fihla ntlong ea ’musi eo, a bona batho ba letsa makolilo le ba bang ba bangata ba ntse ba bokolla+ 24 eaba o re: “Tsamaeang hobane ngoanana enoa ha aa shoa empa o robetse.”+ Eaba baa mo tšeha. 25 Hang ha batho ba se ba le ka ntle, a kena a mo tšoara ka letsoho+ eaba ngoanana eo oa ema.+ 26 Taba eo ea tsebahala libakeng tsohle tse haufi le moo.

  • Luka 8:51-56
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 51 Ha a fihla ntlong, a lumella Petrose, Johanne, Jakobo le batsoali ba ngoana feela hore ba kene le eena ka tlung. 52 Batho bohle ba ne ba bokolla hobane ba utloile bohloko ka lebaka la mofu. Empa Jesu a re ho bona: “Khaotsang ho lla+ hobane ha aa shoa, o robetse.”+ 53 Ba mo tšeha hobane ba tseba hore ngoana o shoele. 54 A mo tšoara ka letsoho a mo hoeletsa a re: “Ngoanana, tsoha!”+ 55 A tsoha* hang-hang+ eaba Jesu o re a fuoe lijo. 56 Batsoali ba hae ba ne ba thabile haholo empa Jesu a ba laela hore ba se ke ba bolella batho hore na ho etsahetse’ng.+

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela