Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Matheu 9:23-26
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 23 Ha Jesu a fihla ntlong ea ’musi eo, a bona batho ba letsa makolilo le ba bang ba bangata ba ntse ba bokolla+ 24 eaba o re: “Tsamaeang hobane ngoanana enoa ha aa shoa empa o robetse.”+ Eaba baa mo tšeha. 25 Hang ha batho ba se ba le ka ntle, a kena a mo tšoara ka letsoho+ eaba ngoanana eo oa ema.+ 26 Taba eo ea tsebahala libakeng tsohle tse haufi le moo.

  • Mareka 5:38-43
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 38 Kahoo, ba tla ntlong ea molaoli ea okamelang ntlo ea thapelo* ’me Jesu a fumana ho le moferefere, batho ba lla habohloko.+ 39 Ka mor’a hore a kene, a re ho bona: “Ke hobane’ng ha le lla ebile le entse moferefere? Ngoana ha aa shoa, o robetse.”+ 40 Eaba baa mo tšeha. A ba ntšetsa ka ntle kaofela, a lumella feela batsoali ba ngoana eo le barutuoa bao a neng a e-na le bona hore ba ee moo ngoana eo a neng a le teng. 41 A tšoara ngoana eo ka letsoho a re ho eena: “Talitha kumi,” eo ha e fetoleloa e bolelang: “Ngoanana, ke re ho uena, tsoha.”+ 42 Ngoanana eo a tsoha hang-hang ’me a qala ho tsamaea. (O ne a le lilemo li 12.) Batho ba thaba haholo. 43 Empa a ba laela ka makhetlo* hore ba se ke ba bolella mang kapa mang ka taba ena+ ’me a re ngoanana eo a fuoe lijo.

  • Johanne 11:11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 A boela a re: “Motsoalle oa rona Lazaro o robetse+ empa ke e’o mo tsosa.”

  • Liketso 7:60
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 60 Qetellong a khumama a hoeletsa a re: “Jehova,* u se ke oa ba balla sebe sena.”+ Ka mor’a hore a bue mantsoe ana a robala lefung.

  • Liketso 13:36
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 36 Davida o ile a sebeletsa Molimo* ha a sa ntse a phela. O ile a shoa a ba a patoa le baholo-holo ba hae empa o ile a bola.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela