-
Matheu 13:54-58Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
54 Ka mor’a hore a kene motseng oa habo,+ a ba ruta a le ka tlung ea bona ea thapelo* eaba batho baa hlolloa ba re: “Monna eo o fumane bohlale boo le matla a ho etsa mehlolo ee hokae?+ 55 Na eo ha se mora oa ’metli oa mapolanka?+ Na ’mè oa hae ha se Maria? Na bana babo ha se Jakobo, Josefa, Simone le Judase?+ 56 Na likhaitseli tsa hae kaofela ha li har’a rona moo? Joale o fumane lintho tsee tsohle hokae?”+ 57 Kahoo, ba hana ho lumela ho eena.+ Empa Jesu a re ho bona: “Moprofeta o hlomphuoa hohle ntle le ha habo le ka tlung ea hae.”+ 58 Ha aa ka a etsa mehlolo e mengata moo hobane ba ne ba se na tumelo.
-