-
Mareka 5:25-28Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
25 Ho ne ho e-na le mosali e mong ea neng a e-na le bothata ba phallo ea mali+ ka lilemo tse 12.+ 26 Lingaka tse ngata li ne li mo baketse bohloko bo boholo. O ne a sebelisitse chelete ea hae kaofela empa ho e-na le hore a fole, o ne a kula le ho feta. 27 Ka mor’a hore a utloele ka Jesu, a tla ka mor’a hae har’a letšoele ’me a tšoara seaparo sa hae,+ 28 kaha o ne a ntse a re ka pelong: “Haeba feela nka tšoara liaparo tsa hae ke tla fola.”+
-