Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Matheu 9:20-22
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 20 Mosali e mong ea neng a e-na le bothata ba phallo ea mali ka lilemo tse 12+ a tla ka morao ’me a tšoara litjobo tsa seaparo sa Jesu+ 21 kaha o ne a ntse a re ka pelong: “Haeba feela nka tšoara seaparo sa hae ke tla fola.” 22 Jesu a hetla a mo bona eaba o re ho eena: “Ngoan’eso,* u se ke oa tšoenyeha. Tumelo ea hao e u folisitse.”+ Eaba mosali eo o fola hang-hang.+

  • Mareka 5:25-29
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 25 Ho ne ho e-na le mosali e mong ea neng a e-na le bothata ba phallo ea mali+ ka lilemo tse 12.+ 26 Lingaka tse ngata li ne li mo baketse bohloko bo boholo. O ne a sebelisitse chelete ea hae kaofela empa ho e-na le hore a fole, o ne a kula le ho feta. 27 Ka mor’a hore a utloele ka Jesu, a tla ka mor’a hae har’a letšoele ’me a tšoara seaparo sa hae,+ 28 kaha o ne a ntse a re ka pelong: “Haeba feela nka tšoara liaparo tsa hae ke tla fola.”+ 29 Hang-hang mali a hae a khaotsa ho phalla ’me a utloa ’meleng oa hae hore o folile.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela