-
Matheu 17:14-17Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
14 Ha ba tla ba lebile letšoele,+ monna e mong a mo atamela, a mo khumamela eaba o re: 15 “Morena, hauhela mora oa ka hobane oa kula o tšoeroe ke sethoathoa.* O atisa ho oela mollong le ka metsing.+ 16 Ke ile ka mo tlisa ho barutuoa ba hao empa ba sitiloe ho mo phekola.” 17 Ha Jesu a araba a re: “Lona moloko o se nang tumelo o bileng o leng khopo,+ ke tla lula le lona ho fihlela neng? Ke tla le mamella ho fihlela neng? Mo tliseng koano.”
-
-
Luka 9:38-42Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
38 Monna e mong a hoeletsa har’a letšoele a re: “Mosuoe, ke kopa u thuse* mora oa ka, ke ngoan’a ka a le mong feela.+ 39 O kenoa ke modemona, o etsa hore a lle, a tsitsipane a be a tsoe makoeba ka hanong. Ha o mo kene o tsoa ka thata. 40 Ke ile ka kopa barutuoa ba hao hore ba mo ntše empa ba ile ba hloleha.” 41 Ha Jesu a araba a re: “Lona moloko o se nang tumelo o bileng o leng khopo,+ ke tla lula le lona ho fihlela neng? Ke tla le mamella ho fihlela neng? Tlisa mora oa hao koano.”+ 42 Eitse ha ngoana a atamela, modemona a mo lahlela fatše a etsa hore a thothomele habohloko. Jesu a khalemela modemona eo, a folisa ngoana eaba o mo isa ho ntate oa hae.
-