Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Matheu 17:20
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 20 A re ho bona: “Ke hobane tumelo ea lona ea fokola. Kannete kea le bolella hore haeba tumelo ea lona e lekana le peo ea mosetareta, le tla re ho thaba ena: ‘Tloha mona u ee mane,’ ebe ea tloha ’me ha ho letho leo le ke keng la khona ho le etsa.”+

  • Mareka 11:23
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 23 Kannete ke re ho lona mang kapa mang ea reng ho thaba ena: ‘Phahama u e’o oela ka leoatleng’ ’me a sa belaele ka pelong ea hae empa a e-na le tumelo ea hore ntho eo a e buang e tla etsahala, e tla fela e etsahale.+

  • Luka 17:6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 6 Morena a re: “Haeba le ne le e-na le tumelo e lekanang le peo ea mosetareta, le ne le tla re ho sefate sena sa monokotšoai o motšo: ‘Tloha mona u e’o mela ka leoatleng’ ebe sea le mamela.+

  • Johanne 11:40
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 40 Jesu a re: “Na ha kea u bolella hore ha u ka lumela u tla bona matla a Molimo?”+

  • Liketso 14:9, 10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 Monna enoa o ne a mametse ha Pauluse a ntse a bua. Ha Pauluse a mo sheba ’me a bona hore o na le tumelo ea hore a ka folisoa,+ 10 a phahamisa lentsoe a re: “Ema!” Monna eo a raoha eaba o se a khona ho tsamaea.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela