-
Matheu 20:29-34Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
29 Ha ba tsoa Jeriko, letšoelehali la mo latela. 30 Ho ne ho e-na le banna ba babeli ba sa boneng ba lutseng pel’a tsela. Ba utloa hore Jesu o feta moo eaba baa hoeletsa ba re: “Morena, Mora oa Davida, re hauhele!”+ 31 Letšoele la ba khalemela la re ba thole empa ba hoeletsa le ho feta ba re: “Morena, Mora oa Davida, re hauhele!” 32 Kahoo, Jesu a ema, a ba bitsa a re: “Ke le etsetse’ng?” 33 Ba re ho eena: “Morena, re kopa u re bule mahlo.” 34 Jesu a ba hauhela eaba o thetsa mahlo a bona.+ Hang-hang ba bona ’me ba mo sala morao.
-
-
Luka 18:35-43Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
35 Ha Jesu a atamela Jeriko, ho ne ho e-na le monna e mong ea sa boneng ea lutseng pel’a tsela a ntse a kopa.+ 36 Kaha o ile a utloa letšoele le feta, a botsa hore na ho etsahala’ng. 37 Ba re ho eena: “Jesu oa Monazaretha oa feta.” 38 Eaba oa hoeletsa o re: “Jesu Mora oa Davida, nkhauhele!” 39 Ba neng ba tsamaea ka pele-pele letšoeleng ba mo khalemela ba re a thole empa a hoeletsa le ho feta a re: “Mora oa Davida, nkhauhele!” 40 Jesu a ema a re monna eo a tlisoe ho eena. Ha a se a atametse, Jesu a re ho eena: 41 “U batla ke u etsetse’ng?” Monna eo a re ho eena: “Morena, e-re ke boele ke bone.” 42 Kahoo, Jesu a re ho eena: “Mahlo a hao a ke a boele a bone, tumelo ea hao e u folisitse.”+ 43 Hang-hang a boela a bona ’me a qala ho mo latela+ a rorisa Molimo. Ha batho bohle ba bona mohlolo oo, le bona ba rorisa Molimo.+
-