Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Matheu 20:29-34
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 29 Ha ba tsoa Jeriko, letšoelehali la mo latela. 30 Ho ne ho e-na le banna ba babeli ba sa boneng ba lutseng pel’a tsela. Ba utloa hore Jesu o feta moo eaba baa hoeletsa ba re: “Morena, Mora oa Davida, re hauhele!”+ 31 Letšoele la ba khalemela la re ba thole empa ba hoeletsa le ho feta ba re: “Morena, Mora oa Davida, re hauhele!” 32 Kahoo, Jesu a ema, a ba bitsa a re: “Ke le etsetse’ng?” 33 Ba re ho eena: “Morena, re kopa u re bule mahlo.” 34 Jesu a ba hauhela eaba o thetsa mahlo a bona.+ Hang-hang ba bona ’me ba mo sala morao.

  • Mareka 10:46-52
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 46 Eaba Jesu le barutuoa ba hae ba kena Jeriko. Ha ba tsoa Jeriko ba e-na le letšoele le leholo, Bartimiase (mora oa Timiase) e leng monna oa mokopa-kopa ea sa boneng, o ne a lutse pel’a tsela.+ 47 Ha a utloa hore Jesu oa Monazaretha oa feta, a hoeletsa a re: “Jesu, Mora oa Davida,+ nkhauhele!”+ 48 Eaba batho ba bangata baa mo khalemela ba re a thole empa a ’na a hoeletsa le ho feta a re: “Mora oa Davida, nkhauhele!” 49 Kahoo, Jesu a ema ’me a re: “E-reng a tle.” Eaba ba bitsa monna eo ba re ho eena: “E-ba sebete! Ema, oa u bitsa.” 50 A lahla seaparo sa hae, a ema kapele a ea ho Jesu. 51 Jesu a re ho eena: “U batla hore ke u etsetse’ng?” Monna eo a re ho eena: “Rabboni,* e-re ke boele ke bone.” 52 Eaba Jesu o re ho eena: “Tsamaea. Tumelo ea hao e u folisitse.”+ Hang-hang a boela a bona+ ’me a qala ho mo latela.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela