-
Matheu 21:1-3Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
21 Ha ba le haufi le Jerusalema, ba fihla Bethefage Thabeng ea Mehloaare, joale Jesu a roma barutuoa ba babeli+ 2 a re ho bona: “Tsamaeang le kene motsaneng oane o ka pel’a lona. Ha le fihla le tla fumana tonki e tlanngoeng e e-na le petsana ea eona. Le li tlamolle ’me le li tlise koano. 3 Ea tla le botsa le mo joetse hore Morena oa li hloka. Hang-hang o tla le tlohela hore le tsamaee le tsona.”
-
-
Luka 19:29-34Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
29 Ha a atamela Thaba ea Mehloaare+ moo Bethefage le Bethani li leng hona teng, a roma barutuoa ba babeli+ a re: 30 “Tsamaeang le kene motsaneng oane o ka pel’a lona. Ha le fihla le tla fumana petsana ea tonki e tlanngoe. Ke petsana e e-s’o palangoe ho hang, le e tlamolle le e tlise koano. 31 Ea tla le botsa hore na le e tlamollela’ng le mo joetse hore Morena oa e hloka.” 32 Barutuoa ba babeli bao a neng a ba romme ba tloha eaba ba fumana ho le feela joalokaha a boletse.+ 33 Ha ba ntse ba tlamolla petsana, beng ba eona ba re: “Le tlamollela’ng petsana eo?” 34 Ba re: “Morena oa e hloka.”
-