-
Matheu 21:1-3Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
21 Ha ba le haufi le Jerusalema, ba fihla Bethefage Thabeng ea Mehloaare, joale Jesu a roma barutuoa ba babeli+ 2 a re ho bona: “Tsamaeang le kene motsaneng oane o ka pel’a lona. Ha le fihla le tla fumana tonki e tlanngoeng e e-na le petsana ea eona. Le li tlamolle ’me le li tlise koano. 3 Ea tla le botsa le mo joetse hore Morena oa li hloka. Hang-hang o tla le tlohela hore le tsamaee le tsona.”
-
-
Mareka 11:1-6Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
11 Ha ba le haufi le Jerusalema, ba fihla Thabeng ea Mehloaare moo Bethefage le Bethani+ li leng hona teng eaba Jesu o roma barutuoa ba babeli+ 2 ’me a re ho bona: “Tsamaeang le kene motsaneng oane o ka pel’a lona. Hang ha le fihla le tla fumana petsana ea tonki e tlanngoeng. Ke petsana e e-s’o palangoe ho hang, le e tlamolle le e tlise koano. 3 Haeba mang kapa mang a re ho lona: ‘Ke hobane’ng ha le etsa tjee?’ Le re: ‘Morena oa e hloka ’me o tla e khutlisetsa mona hang-hang.’” 4 Kahoo, ba tloha ’me ba fumana petsana ea tonki e tlanngoe monyako oa ntlo e pel’a tsela eaba baa e fasolla.+ 5 Empa batho ba bang ba emeng moo ba re ho bona: “Le etsa’ng ha le fasolla petsana eo?” 6 Ba ba araba joalokaha Jesu a ne a ba laetse ’me ba ba tlohela hore ba tsamaee.
-