36 Joale Jesu a tla le barutuoa sebakeng se bitsoang Gethesemane+ ’me a re ho bona: “Lulang mona, ke ea mane ke e’o rapela.”+37 A tsamaea le Petrose le bara ba babeli ba Zebedea eaba o qala ho sareloa le ho khathatseha habohloko.+
39 Ha a tloha a ea Thabeng ea Mehloaare joalokaha a ne a tloaetse eaba barutuoa ba mo sala morao.+40 Ha a fihla moo, a re ho bona: “Lulang le rapela e le hore le se ke la oela molekong.”+41 A ea pejana eaba oa khumama oa rapela o re:
18Ha Jesu a qeta ho bua lintho tsena, a ea ka nģ’ane ho Phula ea Kidrone*+ le barutuoa ba hae moo ho neng ho e-na le serapa. A kena serapeng seo le barutuoa ba hae.+