Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Matheu 26:47-51
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 47 Ha a sa ntse a bua, Judase, e mong oa baapostola ba 12, a fihla le letšoele le leholo la batho ba nkileng lisabole le melangoana ba tsoa ho baholo ba sechaba le baprista ba baholo.+

      48 Joale Judase* o ne a itse ho bona: “Eo ke tla mo suna ke eena. Le mo tšoare.” 49 A ea a tobile ho Jesu a re: “Lumela, Rabi!” Eaba oa mo suna. 50 Empa Jesu a re ho eena: “Monn’a heso, u batla’ng moo?”+ Joale ba atamela eaba ba tšoara Jesu. 51 E mong oa ba neng ba e-na le Jesu a tsomula sabole ea hae eaba o khaola tsebe ea lekhoba la moprista ea phahameng.+

  • Luka 22:47-51
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 47 Ha a sa ntse a bua, ha hlaha letšoele la batho ba eteletsoeng pele ke Judase, e mong oa baapostola ba 12. A atamela Jesu eaba oa mo suna.+ 48 Empa Jesu a re ho eena: “Judase, u rekisa* Mor’a motho ka ho mo suna?” 49 Ha ba mo potolohileng ba bona hore na ho tla etsahala’ng ba re: “Morena, re ba hlathe ka sabole?” 50 Eaba e mong oa bona o se a bile a hlatha lekhoba la moprista ea phahameng ka sabole, a le khaola tsebe e tona.+ 51 Empa Jesu a re: “Se ke oa etsa joalo.” Eaba o tšoara tsebe ea lekhoba leo oa e folisa.

  • Johanne 18:3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 Judase a tla le masole le balebeli ba tsoang ho baprista ba baholo le Bafarisi ba nkile mabone le libetsa.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela