Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Matheu 26:47-50
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 47 Ha a sa ntse a bua, Judase, e mong oa baapostola ba 12, a fihla le letšoele le leholo la batho ba nkileng lisabole le melangoana ba tsoa ho baholo ba sechaba le baprista ba baholo.+

      48 Joale Judase* o ne a itse ho bona: “Eo ke tla mo suna ke eena. Le mo tšoare.” 49 A ea a tobile ho Jesu a re: “Lumela, Rabi!” Eaba oa mo suna. 50 Empa Jesu a re ho eena: “Monn’a heso, u batla’ng moo?”+ Joale ba atamela eaba ba tšoara Jesu.

  • Mareka 14:43-46
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 43 Ha a sa ntse a bua, Judase e leng e mong oa baapostola ba 12, a fihla le letšoele le leholo la batho ba nkileng lisabole le melangoana ba tsoa ho baprista ba baholo, bangoli le baholo.+ 44 Joale Judase* o ne a itse ho bona: “Eo ke tla mo suna ke eena. Le mo tšoare le etse bonnete ba hore ha a balehe.” 45 A ea a tobile ho Jesu a fihla a re ho eena: “Lumela Rabi!” Eaba oa mo suna. 46 Kahoo, ba mo tšoara.

  • Johanne 18:2, 3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 2 Le Judase ea neng a mo rekisitse* o ne a tseba sebaka seo hobane Jesu o ne a atisa ho ea moo le barutuoa ba hae. 3 Judase a tla le masole le balebeli ba tsoang ho baprista ba baholo le Bafarisi ba nkile mabone le libetsa.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela