-
Matheu 27:20-23Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
20 Empa baholo le baprista ba baholo ba susumeletsa sechaba ho kopa hore Barabase+ a lokolloe empa Jesu a bolaoe.+ 21 ’Musisi a boela a re ho sechaba seo: “Le batla ke le lokollele ofe ho baa ba babeli?” Sa re: “Barabase.” 22 Pilato a re ho bona: “Joale ke etse’ng ka Jesu eo ho thoeng ke Kreste?” Sechaba sohle sa re: “Ha a khokhotheloe palong!”*+ 23 A re: “Hobane’ng? O entse’ng e mpe?” Empa sa hoeletsa le ho feta sa re: “Ha a khokhotheloe palong!”*+
-