-
Mareka 15:11-14Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
11 Empa baprista ba baholo ba susumeletsa sechaba ho kopa hore ho lokolloe Barabase eseng Jesu.+ 12 Pilato a re: “Joale ke etse’ng ka enoa eo le reng ke Morena oa Bajuda?”+ 13 Ba hoeletsa ba re: “Ha a khokhotheloe palong!”*+ 14 Empa Pilato a re ho bona: “Hobane’ng, o entse’ng e mpe?” Empa ba hoeletsa le ho feta ba re: “Ha a khokhotheloe palong!”*+
-