-
Luka 23:20-25Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
20 Pilato a bua le bona hape hobane o ne a batla ho lokolla Jesu.+ 21 Empa ba hoeletsa ba re: “Ha a khokhotheloe palong! Ha a khokhotheloe palong!”*+ 22 A re ho bona ka lekhetlo la boraro: “Hobane’ng? O entse’ng e mpe? Ha kea fumana a entse letho le lebe hoo a ka bang a bolaoa. Ka hona, ke tla mo shapa ebe kea mo lokolla.” 23 Empa ba hoeletsa ba batla hore a khokhotheloe palong.* Ba ile ba hoeletsa haholo hoo Pilato a ileng a ba a inehela.+ 24 Kahoo, Pilato a etsa qeto ea ho ba khotsofatsa. 25 A lokolla monna eo ba neng ba mo batla, ea neng a kentsoe teronkong hobane a bolaile a bile a fetohetse ’muso empa a fana ka Jesu ho bona hore ba etse ntho eo ba e batlang ka eena.
-