Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Matheu 27:22-26
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 22 Pilato a re ho bona: “Joale ke etse’ng ka Jesu eo ho thoeng ke Kreste?” Sechaba sohle sa re: “Ha a khokhotheloe palong!”*+ 23 A re: “Hobane’ng? O entse’ng e mpe?” Empa sa hoeletsa le ho feta sa re: “Ha a khokhotheloe palong!”*+

      24 Ha Pilato a bona hore ha ho na letho leo a ka le etsang ebile ho tsoha moferefere, a nka metsi a hlapa matsoho ka pel’a sechaba eaba o re: “Ha ke na molato maling a motho enoa. Ke taba ea lona.” 25 Eaba batho kaofela ba re: “Mali a hae a be holim’a rona le bana ba rona.”+ 26 A ba lokollela Barabase empa a laela hore Jesu a shapuoe ka sephali+ ’me a fana ka eena ho masole hore a mo khokhothele palong.+

  • Mareka 15:12-15
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Pilato a re: “Joale ke etse’ng ka enoa eo le reng ke Morena oa Bajuda?”+ 13 Ba hoeletsa ba re: “Ha a khokhotheloe palong!”*+ 14 Empa Pilato a re ho bona: “Hobane’ng, o entse’ng e mpe?” Empa ba hoeletsa le ho feta ba re: “Ha a khokhotheloe palong!”*+ 15 Kaha Pilato o ne a batla ho ba khotsofatsa, a ba lokollela Barabase empa a laela hore Jesu a shapuoe ka sephali+ ’me a fana ka eena hore a khokhotheloe palong.*+

  • Johanne 19:12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Kahoo, Pilato a ’na a batla mokhoa oa ho mo lokolla empa Bajuda ba hoeletsa ba re: “Ha u ka lokolla monna enoa u sera sa Sesare. Motho ea iketsang morena o fetohela Sesare.”+

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela