-
Matheu 12:1-8Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
12 Ka letsatsi le leng ha Jesu a ntse a tsamaea har’a masimo a koro* ka Sabatha, barutuoa ba hae ba lapa eaba ba kha koro baa ja.+ 2 Ha Bafarisi ba ba bona ba re ho eena: “Bona, barutuoa ba hao ba etsa ntho eo ba sa lokelang ho e etsa ka Sabatha.”+ 3 Jesu a re ho bona: “Na ha lea ka la bala hore na Davida o ile a etsa’ng ha eena le banna ba neng ba e-na le eena ba lapile?+ 4 Hore o ile a kena ka tlung ea Molimo eaba ba ja bohobe bo halalelang*+ boo eena le banna ba neng ba e-na le eena ba neng ba sa lumelloa ho bo ja, bo jeoang ke baprista feela?+ 5 Kapa na ha lea bala Molaong hore ka Lisabatha, baprista baa sebetsa tempeleng empa ha ba molato oa ho tlola molao oa Sabatha?+ 6 Empa kea le bolella hore ea teng mona o bohlokoa ho feta tempele.+ 7 Joale hoja le ne le utloisisa hore na ho boleloa’ng ha ho thoe: ‘Ke batla mohau+ eseng sehlabelo,’+ le ka be le sa ahlola ba se nang molato. 8 Mor’a motho ke Morena oa Sabatha.”+
-
-
Mareka 2:23-28Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
23 Ha a feta har’a masimo a koro* ka Sabatha, barutuoa ba hae ba kha koro.+ 24 Kahoo, Bafarisi ba re ho eena: “Bona, ke hobane’ng ha ba etsa ntho eo ba sa lokelang ho e etsa ka Sabatha?” 25 Jesu a re ho bona: “Na ha lea ka la bala hore na Davida o ile a etsa’ng ha eena le banna ba neng ba e-na le eena ba lapile?+ 26 Tlaleho e buang ka moprista e moholo Abiathare+ e re Davida o ile a kena ka tlung ea Molimo, a ja bohobe bo halalelang* boo ho sa lumelloeng ke molao hore motho leha e le mang a bo je haese baprista.+ A bo fa le banna ba neng ba e-na le eena.” 27 Kahoo, a re ho bona: “Sabatha e bile teng ka lebaka la motho+ eseng hore motho o bile teng ka lebaka la Sabatha. 28 Kahoo, Mor’a motho ke Morena esita le oa eona Sabatha.”+
-