Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Matheu 12:1-8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Ka letsatsi le leng ha Jesu a ntse a tsamaea har’a masimo a koro* ka Sabatha, barutuoa ba hae ba lapa eaba ba kha koro baa ja.+ 2 Ha Bafarisi ba ba bona ba re ho eena: “Bona, barutuoa ba hao ba etsa ntho eo ba sa lokelang ho e etsa ka Sabatha.”+ 3 Jesu a re ho bona: “Na ha lea ka la bala hore na Davida o ile a etsa’ng ha eena le banna ba neng ba e-na le eena ba lapile?+ 4 Hore o ile a kena ka tlung ea Molimo eaba ba ja bohobe bo halalelang*+ boo eena le banna ba neng ba e-na le eena ba neng ba sa lumelloa ho bo ja, bo jeoang ke baprista feela?+ 5 Kapa na ha lea bala Molaong hore ka Lisabatha, baprista baa sebetsa tempeleng empa ha ba molato oa ho tlola molao oa Sabatha?+ 6 Empa kea le bolella hore ea teng mona o bohlokoa ho feta tempele.+ 7 Joale hoja le ne le utloisisa hore na ho boleloa’ng ha ho thoe: ‘Ke batla mohau+ eseng sehlabelo,’+ le ka be le sa ahlola ba se nang molato. 8 Mor’a motho ke Morena oa Sabatha.”+

  • Luka 6:1-5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 6 Ka letsatsi le leng ha Jesu a ntse a tsamaea har’a masimo a koro* ka sabatha, barutuoa ba hae ba kha koro,+ ba e hohla ka matsoho eaba baa e ja.+ 2 Bafarisi ba bang ba re: “Ke hobane’ng ha le etsa ntho eo le sa lokelang ho e etsa ka Sabatha?”+ 3 Jesu a re ho bona: “Na ha lea ka la bala hore na Davida o ile a etsa’ng ha eena le banna ba neng ba e-na le eena ba lapile?+ 4 Hore o ile a kena ka tlung ea Molimo eaba ba ja bohobe bo halalelang* boo molao o sa lumelleng mang kapa mang ho bo ja haese baprista feela?”+ 5 Eaba o re ho bona: “Mor’a motho ke Morena oa Sabatha.”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1981-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela